Le Sahara vert
Le Sahara vert © D. Esalé
Le talisman brisé: le podcast en français-sesotho

Écoutez le conte : Mohla Sahara e Aparang Botala Hape

Publié le :

Mamela moea ona, ke Sahara ha e bokolla. E emetse monna ea mosa, ea lokileng, ea tla e apesa botala hape.

Mamela moea ona, ke Sahara ha e bokolla. E batla ho apara botala hape.

Sahara ha ea tloha e le lehoatata : e n’e le naha e ntle e talana.

Baahi ba teng ba ne ba hlompha tlholeho, ‘me ba phela ka thabo.

Ba ne ba phela ka ho tsoma, ho ruoa liphoofole le temo.

Ba ne ba rata naha ea bona, ‘me le eona e ba rata.

Bomalimabe bo kene ho fihleng hoa banna ba meharo.

Banna bana ba ne ba sa batle thabo; ba ne ba ipatlela leruo.

Ho ne ho se se ba khotsofatsang; ba ne ba labalabela leruo ho ea ho ile.

Letšolong ba ne ba bolaea liphoofolo ho bontša boqhetseke ba bona, eseng ho li ja.

Ba ne ba rema meru ho ikahela matlo a borena, eseng ho itšireletsa pula kapa letsatsi.

Mekhoa ea banna bana ba meharo e n’e il’a lematsa Sahara, ‘me e ile ea fihlela qeto ea ho fetoha lehoatata.

Leha ho le joalo, baahi ba bang ba ile ba tsoelapele ho phela Sahara hoba ba ne ba e rata.

Sahara e ile ea hauha. E le ho leboha lerato la bona, e ile ea ba fa mehloli e seng mekae ‘moho le mabopo a nōka e kholo ea Niger.

Esale e hlora ho tloha mohla monene.

Mamela moea ona, ke Sahara ha e bokolla. E batla ho apara botala hape.

Ka le leng, e ile ea botsa nkhekhe hore na kutloano ea mehleng ea boholo-holo e ka khutlisoa joang.

Nkhekhe ea re: “E-ea batla batho ba mosa, ba lokileng, ba hlomphang tlholeho, ‘me u phele le bona.”

Ea eketsa ea re: “ Ka le leng ho tla fihla monna. O tla tsosolosa joang le lifate tse kileng tsa mela hona mona khale-khale. O mosa o lokile. O telletse limela bophelo ba hae. Empa ho boela a tsosolosa parateisi e ileng o tla tlameha ho hlōla banna ba meharo.

Hoo ho tla ba boima haholo. Ka lehlohonolo mosebeletsi ea tšepahalang o tla mo thusa ho hlola litšita le ho fenya lira tsa hae. Monna enoa o tšoere lipeo tse tla u apesa botala hape.”

Mamela moea ona, ke Sahara ha e bokolla. E emetse monna ea mosa, ea lokileng, ea tla e apesa botala hape.

Ha batho ba eketsa ho hlompha tlholeho le ho e rata, lehoatata le tla akofa, le apare botala hape.

Suivez toute l'actualité internationale en téléchargeant l'application RFI

Voir les autres épisodes
  • Au commissariat
  • Le talisman
  • Dans la grotte
  • L'enlèvement du professeur
    06:45
  • L'arrestation
    06:48